1. Eitse qetellong ya Sabatha, ha letsatsi le qalang veke le tla tjhaba, Maria Magdalena le Maria e mong ba tla bona lebitla.
2. Tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; hobane lengeloi la Morena la theoha lehodimong, la tla, la phikolosa lejwe le neng le le monyako, la ntoo dula hodima lona.
3. Sefahleho sa lona se ne se le jwaloka lehadima, seaparo sa lona se le sesweu jwaloka lehlwa.
4. Balebedi ba thothomela ke ho le tshoha, ba eba jwaloka bafu.
5. Lengeloi la bua, la re ho basadi: Haele lona, le se ke la tshoha, hobane ke a tseba hoba le batla Jesu, ya kileng a thakgiswa.