8. Ka baka leo, tshimo eo e bitsitswe Tshimo ya madi, ho fihlela kajeno.
9. Ke moo ho etsahetseng ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re: Ba nkile ditjhelete tse mashome a mararo, theko ya ya lekanntsweng, eo bara ba Iseraele ba mo lekantseng jwalo,
10. ba di ntshitse ho reka tshimo ya mmopi, jwalokaha Morena a ne a ntaetse.
11. Haele Jesu, a ema pela mmusisi, mme mmusisi a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? Jesu a re ho yena: O boletse teng.
12. Empa leha a ne a qoswa ke baprista ba baholo le ke baholo, ha a ka a araba letho.
13. Yaba Pilato o re ho yena: Na ha o utlwe ha ba o qosa hakakale na?
14. Empa ha a ka a araba lentswe leha le le leng; mmusisi a ba a makala haholo.
15. E ne e le mokgwa wa mmusisi, ka mokete oo, ho lokollela setjhaba motlamuwa e mong, eo ba mo ratang.
16. Mohlang oo, ho bo ho le motlamuwa e mong ya tumileng, ya bitswang Barabase.
17. Ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: Le rata ha ke le lokollela ofe, haele Barabase, kapa Jesu ya bitswang Kreste?
18. Hobane o ne a tseba hobane ba mo neetse yena ka mona.
19. Yare ha a sa dutse setulong sa kahlolo, mosadi wa hae a romela ho yena, a re: O se ke wa ba le taba, leha e le e nngwe, le motho eo ya lokileng; hobane ke utlwile bohloko bo boholo ka baka la hae, ha ke lora kajeno.
20. Empa baprista ba baholo le baholo ba hlohlelletsa bongata hore ba kope Barabase, Jesu yena a bolawe.