Mattheu 27:50-65 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

50. Empa Jesu a boela a meketsa ka lentswe le leholo, mme a neela moya.

51. Mme hang, lesela la tempele la hahoha kalehare, ho qala hodimo ho isa tlase; lefatshe la sisinyeha, le mafika a kgephoha;

52. mabitla a buleha, le ditopo tse ngata tsa bahalaledi ba robetseng tsa tsoha.

53. Eitse hobane ba tswe mabitleng, kamora tsoho ya hae, ba kena motseng o halalelang, mme ba ipontsha ho ba bangata.

54. Molaodi wa lekgolo, le ba nang le yena, ba ntseng ba lebela Jesu, ha ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse hlahileng, ba tshoha haholo, ba re: Eo e ne e le Mora wa Modimo ruri!

55. Basadi ba bangata ba ne ba le teng moo, ba tadimile ba le hole, e le ba neng ba mo latetse ha a etswa Galelea, ba mo sebeleditseng.

56. Ho bona ho ne ho le Maria Magdalena, le Maria, mma Jakobo le Jose, le mma bara ba Sebedea.

57. Yare mantsiboya, ha tla monna ya ruileng wa Arimathea, lebitso la hae e le Josefa; le yena e ne e le morutuwa wa Jesu.

58. A ya ho Pilato, a kopa setopo sa Jesu. Yaba Pilato o laela hore a se newe.

59. Eitse hobane a nke setopo, a se phuthela ka lesela le lesweu;

60. a se bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme hobane a phikolosetse lejwe le leholo pela monyako wa lebitla, a ikela.

61. Athe Maria Magdalena o ne a le moo le Maria e mong, ba dutse pela lebitla.

62. Ka hosasane, e leng tsatsi le hlahlamang la hlekelo, baprista ba baholo le bafarisi ba phuthehela ho Pilato,

63. ba re: Morena, re sa hopola hobane mothetsi eo, ha a sa phela, o ne a re: Ke tla tsoha ka letsatsi la boraro.

64. Ka baka leo, ako laele hore lebitla le tiiswe, letsatsi la boraro le be le tjhabe, esere mohlomong barutuwa ba hae ba mo utswa, mme ba re ho setjhaba: O tsohile bafung; leshano leo la ho fela le ne le tla fetisa la pele.

65. Pilato a re ho bona: Le na le balebedi; eyang, le tiise kamoo le tsebang kateng.

Mattheu 27