35. Yare hobane ba mo thakgise, ba arolelana diaparo tsa hae, ba di laola ka lotho; hore ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme ba laotse kobo ya ka ka lotho.
36. Ba ntoo dula, ba mo lebela moo.
37. Ka hodimo ho hlooho ya hae ba maneha lengolo le bolelang molato wa hae, le reng: Enwa ke Jesu, morena wa Bajuda.
38. Jwale, ba thakgisa le yena disenyi tse pedi, se seng ka letsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi.
39. Ba fetang ba ne ba mo nyefola, ba mo sisinyetsa dihlooho, ba re:
40. Wena, ya qhaqhang tempele, o reng o tla e tsosa ka matsatsi a mararo, ipholose he! Ha o le Mora Modimo, theoha sefapanong!
41. Ka mokgwa o jwalo, le bona baprista ba baholo ba mo soma, ba ena le bangodi le baholo, ba re:
42. O pholositse ba bang, yena o sitwa ho ipholosa! Haele yena morena wa Iseraele, a ke a theohe jwale sefapanong, mme re tla dumela ho yena.
43. O tshepile Modimo; a o mo lwele jwale, ha o mo rata; hobane o itse: Ke Mora Modimo.
44. Disenyi tse thakgisitsweng le yena, le tsona di ne di mo hlapaola jwalo.
45. Ka hora ya botshelela, lefifi la eba teng lefatsheng lohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong.
46. Ha ho batlile ho ba hora ya boroba mono o le mong, Jesu a howa ka lentswe le leholo, a re: Eli, Eli, lamma sabakthani? ke ho re: Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntloheletseng?
47. Ba bang ho ba leng moo, ha ba utlwa, ba re: O bitsa Elia.
48. Yaba e mong wa bona o phakisa a matha, a nka seponse, a se tlatsa ka asene, a se hloma leqaleng, a mo nwesa.
49. Empa ba bang ba re: Lesang, re ke re bone na Elia o tla tla mo pholosa.
50. Empa Jesu a boela a meketsa ka lentswe le leholo, mme a neela moya.
51. Mme hang, lesela la tempele la hahoha kalehare, ho qala hodimo ho isa tlase; lefatshe la sisinyeha, le mafika a kgephoha;
52. mabitla a buleha, le ditopo tse ngata tsa bahalaledi ba robetseng tsa tsoha.
53. Eitse hobane ba tswe mabitleng, kamora tsoho ya hae, ba kena motseng o halalelang, mme ba ipontsha ho ba bangata.
54. Molaodi wa lekgolo, le ba nang le yena, ba ntseng ba lebela Jesu, ha ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse hlahileng, ba tshoha haholo, ba re: Eo e ne e le Mora wa Modimo ruri!
55. Basadi ba bangata ba ne ba le teng moo, ba tadimile ba le hole, e le ba neng ba mo latetse ha a etswa Galelea, ba mo sebeleditseng.