27. Yaba bahlabani ba mmusisi ba isa Jesu kgotla, ba mmokellela sehlopha sohle sa bona.
28. Ba mo hlobodisa, ba ntoo mo apesa kobo e kgubedu.
29. Ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona hloohong; ba mo tshwarisa leqala letsohong la hae le letona, mme ba kgumama ka mangwele pela hae, ba mo soma, ba re: Dumela, morena wa Bajuda!
30. Ba mo tshwela ka mathe, ba nka leqala, ba mmata hloohong.
31. Eitse hobane ba mo some jwalo, ba mo hlobodisa kobo eo, ba mo apesa diaparo tsa hae, mme ba ya le yena ho mo thakgisa.
32. Ha ba etswa, ba fumana monna wa Sirene, ya bitswang Simone, ba mo qobella hore a jare sefapano sa Jesu.
33. Eitse hobane ba fihle thoteng e bitswang Golgotha, e leng ho re, thota ya lehata,
34. ba mo nea asene e tswakilweng ka nyooko, hore a nwe; empa hobane a e latswe, a hana ho nwa.
35. Yare hobane ba mo thakgise, ba arolelana diaparo tsa hae, ba di laola ka lotho; hore ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme ba laotse kobo ya ka ka lotho.
36. Ba ntoo dula, ba mo lebela moo.
37. Ka hodimo ho hlooho ya hae ba maneha lengolo le bolelang molato wa hae, le reng: Enwa ke Jesu, morena wa Bajuda.
38. Jwale, ba thakgisa le yena disenyi tse pedi, se seng ka letsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi.
39. Ba fetang ba ne ba mo nyefola, ba mo sisinyetsa dihlooho, ba re:
40. Wena, ya qhaqhang tempele, o reng o tla e tsosa ka matsatsi a mararo, ipholose he! Ha o le Mora Modimo, theoha sefapanong!