Mattheu 27:27-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Yaba bahlabani ba mmusisi ba isa Jesu kgotla, ba mmokellela sehlopha sohle sa bona.

28. Ba mo hlobodisa, ba ntoo mo apesa kobo e kgubedu.

29. Ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona hloohong; ba mo tshwarisa leqala letsohong la hae le letona, mme ba kgumama ka mangwele pela hae, ba mo soma, ba re: Dumela, morena wa Bajuda!

30. Ba mo tshwela ka mathe, ba nka leqala, ba mmata hloohong.

Mattheu 27