13. Yaba Pilato o re ho yena: Na ha o utlwe ha ba o qosa hakakale na?
14. Empa ha a ka a araba lentswe leha le le leng; mmusisi a ba a makala haholo.
15. E ne e le mokgwa wa mmusisi, ka mokete oo, ho lokollela setjhaba motlamuwa e mong, eo ba mo ratang.
16. Mohlang oo, ho bo ho le motlamuwa e mong ya tumileng, ya bitswang Barabase.
17. Ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: Le rata ha ke le lokollela ofe, haele Barabase, kapa Jesu ya bitswang Kreste?
18. Hobane o ne a tseba hobane ba mo neetse yena ka mona.
19. Yare ha a sa dutse setulong sa kahlolo, mosadi wa hae a romela ho yena, a re: O se ke wa ba le taba, leha e le e nngwe, le motho eo ya lokileng; hobane ke utlwile bohloko bo boholo ka baka la hae, ha ke lora kajeno.
20. Empa baprista ba baholo le baholo ba hlohlelletsa bongata hore ba kope Barabase, Jesu yena a bolawe.
21. Mmusisi a boela a bua, a re ho bona: Le rata ha ke le lokollela ofe ho ba babedi bao? Ba re: Barabase.
22. Pilato a re ho bona: Mme Jesu, ya bitswang Kreste, yena ke mo etse jwang na? Bohle ba re ho yena: A thakgiswe!
23. Mmusisi a re: Na o entse bobe bofe? Empa ba totisa ho howa, ba re: A thakgiswe!
24. Jwale, Pilato ha a bona hobane ha a thuse letho, le hoba moferefere o ntse o tota, a nka metsi, a hatlela pontsheng ho bongata, a re: Ha ke na molato mading a motho eo ya lokileng; ho iponele lona.
25. Setjhaba kaofela sa araba, sa re: Madi a hae a be hodima rona, le hodima bana ba rona.
26. Jwale, a ba lokollela Barabase; haele Jesu, eitse hobane a mo shape, a mo neela hore a thakgiswe.
27. Yaba bahlabani ba mmusisi ba isa Jesu kgotla, ba mmokellela sehlopha sohle sa bona.
28. Ba mo hlobodisa, ba ntoo mo apesa kobo e kgubedu.
29. Ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona hloohong; ba mo tshwarisa leqala letsohong la hae le letona, mme ba kgumama ka mangwele pela hae, ba mo soma, ba re: Dumela, morena wa Bajuda!