1. Yare kameso, baprista bohle ba baholo le baholo ba setjhaba ba rera Jesu ho mmolaya.
2. Eitse hobane ba mo tlame, ba ya le yena, ba mo neela Ponse Pilato, mmusisi.
3. Jwale, Judase ya mo ekileng, ha a bona hoba Jesu o tswilwe, a inyatsa; a busetsa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo ho baprista ba baholo le ho baholo;
4. a re: Ke sitilwe ha ke ekile madi a se nang molato. Ba re: E ka ba eng ho rona? Ho iponele wena teng.
5. Ebile ke ha a lahlela ditjhelete tsa silefera tempeleng, a tloha, a iphenetha.
6. Baprista ba baholo ba nka ditjhelete, ba re: Ha ho a tshwanela hore di kenngwe polokelong ya tempele, hobane ke theko ya madi.
7. Mme hobane ba rere, ba reka tshimo ya mmopi wa dipitsa ka tsona, ho epela baditjhaba teng.
8. Ka baka leo, tshimo eo e bitsitswe Tshimo ya madi, ho fihlela kajeno.
9. Ke moo ho etsahetseng ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re: Ba nkile ditjhelete tse mashome a mararo, theko ya ya lekanntsweng, eo bara ba Iseraele ba mo lekantseng jwalo,
10. ba di ntshitse ho reka tshimo ya mmopi, jwalokaha Morena a ne a ntaetse.
11. Haele Jesu, a ema pela mmusisi, mme mmusisi a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? Jesu a re ho yena: O boletse teng.
12. Empa leha a ne a qoswa ke baprista ba baholo le ke baholo, ha a ka a araba letho.
13. Yaba Pilato o re ho yena: Na ha o utlwe ha ba o qosa hakakale na?
14. Empa ha a ka a araba lentswe leha le le leng; mmusisi a ba a makala haholo.
15. E ne e le mokgwa wa mmusisi, ka mokete oo, ho lokollela setjhaba motlamuwa e mong, eo ba mo ratang.
16. Mohlang oo, ho bo ho le motlamuwa e mong ya tumileng, ya bitswang Barabase.