Mattheu 26:71-75 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

71. Eitse ha a tswela kgotlwaneng, lekgabunyane le leng la mmona, la re ho ba leng moo: Le enwa o ne a ena le Jesu wa Nasaretha.

72. A boela a latola ka ho hlapanya, a re: Motho eo ha ke mo tsebe.

73. Ho se hokaenyana, ba emeng moo ba atamela, ba re ho Petrose: Le wena, o wa bona ruri; hobane puo ya hao e a o bonahatsa.

74. Yaba o qala ho hlapanya, a ana, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. Athe kapelepele mokoko wa lla.

75. Yaba Petrose o elellwa se boletsweng ke Jesu, kamoo a neng a itse ho yena kateng: Mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo. Yaba o tswela ntle, a lla habohloko.

Mattheu 26