61. tsa re: Enwa o kile a re: Ke na le matla a ho qhaqha tempele ya Modimo, ke be ke e tsose ka matsatsi a mararo.
62. Yaba moprista e moholo o ema, a re ho yena: Na ha o arabe letho na? Seo ba o qosang ka sona keng na?
63. Empa Jesu a kgutsa. Yaba moprista e moholo o boela a bua, a re ho yena: Ke u antsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle haeba o Kreste, Mora wa Modimo.
64. Jesu a re ho yena: O boletse teng; hape, ke re ho lona: Ho tloha jwale, le tla bona Mora motho a dutse letsohong le letona la matla a Modimo, mme a etla ka maru a lehodimo.
65. Jwale, moprista e moholo a hahola diaparo tsa hae, a re: O nyefotse! Re sa batlelang dipaki? Bonang, le utlwile nyefolo ya hae jwale.
66. Ho jwang ho lona? Ba araba, ba re. O tshwanelwa ke lefu.
67. Ebile ba mo tshwela ka mathe mahlong, ba mo jabela, ba bang ba mo otla ka dithupa,
68. ba re: Kreste, o re porofetele: ya o otlileng ke mang?
69. Petrose yena o ne a dutse kantle lebaleng. Yaba ho fihla ho yena lekgabunyane le leng, la re: Le wena, o ne o ena le Jesu wa Galelea.
70. Empa yena a latola pontsheng ya bohle, a re: Ha ke tsebe seo o se bolelang.
71. Eitse ha a tswela kgotlwaneng, lekgabunyane le leng la mmona, la re ho ba leng moo: Le enwa o ne a ena le Jesu wa Nasaretha.
72. A boela a latola ka ho hlapanya, a re: Motho eo ha ke mo tsebe.
73. Ho se hokaenyana, ba emeng moo ba atamela, ba re ho Petrose: Le wena, o wa bona ruri; hobane puo ya hao e a o bonahatsa.