Mattheu 26:51-61 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

51. Lekgatheng leo, e mong wa ba nang le Jesu a isa letsoho saboleng ya hae, a e tsomola, mme a hlatha mohlanka wa moprista e moholo ka yona, a mo kgaola tsebe.

52. Yaba Jesu o re ho yena: Busetsa sabole ya hao selateng sa yona, hobane bohle ba tshwereng sabole, ba tla bolawa ka sabole.

53. Kapa na o re, nka sitwa ho rapela Ntate hona jwale, mme o ba a ya nnea dilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e mmedi, le tse fetisang?

54. Empa ha nka etsa jwalo, Mangolo a ka phethahala jwang, a boletseng hore e ka kgona ho be jwalo?

55. Yaba Jesu o re ho makgotla: Le tswile hae ho tla ntshwara ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka ke leshodu! Ke ne ke ntse ke dula le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara!

56. Empa hoo hohle ho etsahetse, hore mangolo a baporofeta a phethahale.Jwale, barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha.

57. Ba tshwereng Jesu ba mo isa ho Kaiafa, moprista e moholo, moo bangodi le baholo ba neng ba phuthehetse teng.

58. Petrose a mo latela a le hole, mme a fihla tlung ya moprista e moholo; mme eitse hobane a kene lebaleng, a dula le bahlanka, a tle a bone qetello ya ditaba tseo.

59. Jwale, baprista ba baholo le baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki ba bohata bo ka qosang Jesu, hore ba tle ba mmolaye.

60. Empa ha ba ka ba bo bona, leha dipaki tsa bohata tse ngata di itlhahisitse. Empa ho feleng ha hlaha dipaki tse pedi tsa bohata,

61. tsa re: Enwa o kile a re: Ke na le matla a ho qhaqha tempele ya Modimo, ke be ke e tsose ka matsatsi a mararo.

Mattheu 26