Mattheu 26:42-57 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

42. A boela a ya la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ekare ha e se ntho e ka etswang hore senwelo sena se fetele hole le nna ke sa nwele ho sona, a ho etswe thato ya hao!

43. Ha a kgutlela ho bona, a ba fumana ba boetse ba robetse; hobane mahlo a bona a ne a le boima.

44. A ba tlohela, a boela a ya, a rapela la boraro, a bua jwalokaha a buile pele.

45. Yaba o ya ho barutuwa ba hae, a re ho bona: Robalang jwale, le kgatholohe; bonang, nako e atametse, Mora motho o se a ya neelwa matsohong a baetsadibe.

46. Emang, a re yeng; bonang, ya nkekang o se a le haufi.

47. A re a sa rialo, ha hlaha Judase, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, a ena le sehlopha se seholo, se tshwereng disabole le melamu, se romilweng ke baprista ba baholo le baholo ba setjhaba.

48. Ya mo ekileng o ne a ba neile pontsho, a re: Eo ke tla mo aka, ke yena; le mo tshware.

49. A phakisa a atamela Jesu, a re: Dumela Rabbi! Mme a mo aka.

50. Jesu a re ho yena: O tletseng mona, molekana ka? Jwale, ba atamela, ba isa matsoho ho Jesu, ba mo tshwara.

51. Lekgatheng leo, e mong wa ba nang le Jesu a isa letsoho saboleng ya hae, a e tsomola, mme a hlatha mohlanka wa moprista e moholo ka yona, a mo kgaola tsebe.

52. Yaba Jesu o re ho yena: Busetsa sabole ya hao selateng sa yona, hobane bohle ba tshwereng sabole, ba tla bolawa ka sabole.

53. Kapa na o re, nka sitwa ho rapela Ntate hona jwale, mme o ba a ya nnea dilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e mmedi, le tse fetisang?

54. Empa ha nka etsa jwalo, Mangolo a ka phethahala jwang, a boletseng hore e ka kgona ho be jwalo?

55. Yaba Jesu o re ho makgotla: Le tswile hae ho tla ntshwara ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka ke leshodu! Ke ne ke ntse ke dula le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara!

56. Empa hoo hohle ho etsahetse, hore mangolo a baporofeta a phethahale.Jwale, barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha.

57. Ba tshwereng Jesu ba mo isa ho Kaiafa, moprista e moholo, moo bangodi le baholo ba neng ba phuthehetse teng.

Mattheu 26