36. Jwale, Jesu a ya le bona nqalong e bitswang Gethesemane. A re ho barutuwa ba hae: Dulang mona, ke sa ya mane ho rapela.
37. A ya le Petrose le bara ba Sebedea ba babedi, mme a qala ho swaba le ho tsieleha haholo.
38. A re ho bona: Moya wa ka o tshwerwe ka nqa tsohle ke maswabi a isang lefung; salang mona, le fadimehe le nna.
39. A ntoo ya pejana, a wela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ekare ha ho ka etswa, ako fetisetse senwelo sena hole le nna? Empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho mpe ho etswe ya hao!
40. Mme ha a etla ho barutuwa ba hae, a ba fumana ba robetse; a re ho Petrose: Le sitilwe jwang ke ho fadimeha le nna hora e le nngwe na?
41. Fadimehang, le rapele, hore le se kene molekong; hobane moya o mafolofolo, empa nama yona e a fokola.
42. A boela a ya la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ekare ha e se ntho e ka etswang hore senwelo sena se fetele hole le nna ke sa nwele ho sona, a ho etswe thato ya hao!
43. Ha a kgutlela ho bona, a ba fumana ba boetse ba robetse; hobane mahlo a bona a ne a le boima.
44. A ba tlohela, a boela a ya, a rapela la boraro, a bua jwalokaha a buile pele.
45. Yaba o ya ho barutuwa ba hae, a re ho bona: Robalang jwale, le kgatholohe; bonang, nako e atametse, Mora motho o se a ya neelwa matsohong a baetsadibe.