Mattheu 26:20-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Ka nako ya shwalane, Jesu a dula dijong le barutuwa ba leshome le metso e mmedi.

21. Ba ntse ba eja, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: E mong wa lona o tla nkeka.

22. Yaba ba swaba haholo, mme e mong le e mong a qala ho mmotsa, a re: A ke nna, Morena?

23. A araba a re: Ya kentseng letsoho morifing le nna, ke yena ya tla nkeka.

24. Haele Mora motho, o ikela jwalokaha ho ngodilwe bakeng sa hae; empa ho madimabe motho eo Mora motho a ekang ke yena; ho ka be ho le molemo ho motho eo hola a sa ka a tswalwa.

25. Judase, e leng yena ya mo ekang, a araba, a re: Na ke nna, Rabbi? Jesu a re ho yena: O boletse teng.

26. Ba re ba sa ja, Jesu a nka bohobe, mme eitse hobane a boke, a bo ngwatha, a bo nea barutuwa ba hae, a re ho bona; Nkang, le je; hona ke mmele wa ka.

27. A nka le senwelo, a leboha, a ba nea sona, a re: Nwelang ho sona bohle;

28. hobane hona ke madi a ka a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata tshwarelong ya dibe.

29. Empa ke re ho lona: Ho qala nakong yona ena, ha ke sa tla hlola ke enwa se behwang ke morara, ho tla be ho fihle tsatsi leo ke tla se nwa le lona se le setjha, mmusong wa Ntate.

30. Eitse hobane ba bine dithoko, ba ya thabeng ya Mehlwaare.

31. Yaba Jesu o re ho bona: Bosiung bona le tla kgoptjwa bohle ho nna; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla otla modisa, mme dinku tsa mohlape di tla qhalana.

32. Empa etlare hobane ke tsohe, ke tla le etella pele ho ya Galelea.

33. Petrose a bua, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ho wena, nna nke ke ka kgoptjwa le hanyenyane.

34. Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Ka bona bosiu bona, mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.

Mattheu 26