Mattheu 26:15-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. a re: Le tla nneang, ke tle ke le neele yena? Mme ba mmalla ditjhelete tsa silefera tsa mashome a mararo.

16. Yaba moo a qalang ho batla sebaka sa ho ba neela yena

17. Ka letsatsi le qalang mokete wa mahobe a se nang ditomoso, barutuwa ba tla ho Jesu, ba re ho yena: O rata ha re o lokisetsa kae Paseka, moo o ka e jelang teng?

18. A re: Eyang motseng, ho nnyeo, le re ho yena: Moruti o re: Nako ya ka e haufi; ke tla etsa Paseka ha hao le barutuwa ba ka.

19. Barutuwa ba etsa jwalokaha Jesu a ba laetse, mme ba lokisa Paseka.

20. Ka nako ya shwalane, Jesu a dula dijong le barutuwa ba leshome le metso e mmedi.

21. Ba ntse ba eja, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: E mong wa lona o tla nkeka.

22. Yaba ba swaba haholo, mme e mong le e mong a qala ho mmotsa, a re: A ke nna, Morena?

23. A araba a re: Ya kentseng letsoho morifing le nna, ke yena ya tla nkeka.

24. Haele Mora motho, o ikela jwalokaha ho ngodilwe bakeng sa hae; empa ho madimabe motho eo Mora motho a ekang ke yena; ho ka be ho le molemo ho motho eo hola a sa ka a tswalwa.

25. Judase, e leng yena ya mo ekang, a araba, a re: Na ke nna, Rabbi? Jesu a re ho yena: O boletse teng.

26. Ba re ba sa ja, Jesu a nka bohobe, mme eitse hobane a boke, a bo ngwatha, a bo nea barutuwa ba hae, a re ho bona; Nkang, le je; hona ke mmele wa ka.

27. A nka le senwelo, a leboha, a ba nea sona, a re: Nwelang ho sona bohle;

Mattheu 26