13. Kannete ke re ho lona: Hohle lefatsheng, moo Evangeli ena e tla bolelwa teng, se entsweng ke yena se tla bolelwa, a tle a hopolwe ka sona.
14. Yaba e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya bitswang Judase Iskariota, o ikela ho baprista ba baholo,
15. a re: Le tla nneang, ke tle ke le neele yena? Mme ba mmalla ditjhelete tsa silefera tsa mashome a mararo.
16. Yaba moo a qalang ho batla sebaka sa ho ba neela yena
17. Ka letsatsi le qalang mokete wa mahobe a se nang ditomoso, barutuwa ba tla ho Jesu, ba re ho yena: O rata ha re o lokisetsa kae Paseka, moo o ka e jelang teng?
18. A re: Eyang motseng, ho nnyeo, le re ho yena: Moruti o re: Nako ya ka e haufi; ke tla etsa Paseka ha hao le barutuwa ba ka.
19. Barutuwa ba etsa jwalokaha Jesu a ba laetse, mme ba lokisa Paseka.
20. Ka nako ya shwalane, Jesu a dula dijong le barutuwa ba leshome le metso e mmedi.
21. Ba ntse ba eja, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: E mong wa lona o tla nkeka.
22. Yaba ba swaba haholo, mme e mong le e mong a qala ho mmotsa, a re: A ke nna, Morena?
23. A araba a re: Ya kentseng letsoho morifing le nna, ke yena ya tla nkeka.
24. Haele Mora motho, o ikela jwalokaha ho ngodilwe bakeng sa hae; empa ho madimabe motho eo Mora motho a ekang ke yena; ho ka be ho le molemo ho motho eo hola a sa ka a tswalwa.