1. Eitse hobane Jesu a qete dipolelo tseo tsohle, a bolella barutuwa ba hae, a re:
2. Le a tseba hobane matsatsi a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka; mme Mora motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong.
3. Mohlang oo, baprista ba baholo, le bangodi, le baholo ba setjhaba, ba phuthehela lebaleng la moprista e moholo, ya bitswang Kaiafa.
4. Ba etsa morero wa ho tshwara Jesu ka bohlale, ba tle ba mmolaye.
5. Empa ba re: A e se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.
6. Yare ha Jesu a le Bethania, tlung ya Simone, molepera,
7. ha tla ho yena mosadi ya nang le pitsa ya alebastera, e tletseng setlolo se theko e thata, mme a se tshela hloohong ya Jesu ha a dutse dijong.
8. Barutuwa ba hae, ha ba bona hoo, ba hlonama, ba re: Tshenyeho eo e thusang?
9. Athe setlolo seo se ka be se rekile tjhelete tse ngata, tsa newa bafumanehi.
10. Empa Jesu a lemoha hoo, a re ho bona: Le utlwisetsang mosadi eo bohloko? Athe o nkentse ketso e molemo.
11. Hobane haele bafumanehi, le tla nne le be le bona kamehla, empa nna, le ke ke la ba le nna kamehla.