Mattheu 25:26-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Yaba morena wa hae o mo araba, a re: Mohlanka ya lonya, ya sebodu, o ne o tseba hobane ke kotula moo ke sa kang ka jala teng, mme ke bokella moo ke sa kang ka hasa peo teng.

27. Ha ho le jwalo, o ka be o beile tjhelete ya ka bankeng, mme ha ke fihla, nka be ke latile ntho ya ka le phaello ya yona.

28. Mo amoheng talenta hle, le e nee ya nang le ditalenta tse leshome.

29. Hobane e mong le e mong ya nang le ntho o tla newa, mme ho tla tlala ho yena; empa ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona.

30. Lahlelang mohlanka ya sebodu mafifing a kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.

31. Mohla Mora motho a tlang a teetswe hare ke kganya ya hae, mangeloi a ena le yena kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.

32. Ditjhaba tsohle di tla bokellwa pela hae; mme o tla kgetha ba bang ho ba bang, jwaloka modisa ha a kgetha dinku ho dipodi.

33. O tla bea dinku ka letsohong la hae le letona, a bee dipodi ho le letshehadi.

34. Ke moo Morena a tla bolella ba ka letsohong la hae le letona, a re: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le amohele mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.

35. Hobane ke na be ke lapile, mme le kile la nnea ka ja; ke na be ke nyorilwe, mme le kile la nnea ka nwa; ke na be ke le moeti, mme la nkenya tlung ha lona;

36. ke na be ke hlobotse, mme la nkapesa; ke na be ke baba, mme le tlile ho mpona; ke na be ke le teronkong, mme la tla ho nna.

37. Etlaba hona ba lokileng ba mo arabang, ba re: Morena, ke neneng re kileng ra o bona o lapile, mme ra o nea wa ja; leha o nyorilwe, mme ra o nea wa nwa?

38. Ke neng re o boneng o le moeti, mme re kileng ra o kenya tlung ha rona; leha o hlobotse, mme ra o apesa?

39. Ke neng re o boneng o baba, mohlomong o le teronkong, mme ra ya ho wena?

40. Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.

Mattheu 25