Mattheu 25:18-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Empa ya nkileng talenta e le nngwe, a ya, a tjheba fatshe, mme a epela tjhelete ya morena wa hae.

19. Tshiu tse ngata ha di fetile, morena wa bahlanka bao a fihla, mme a hlahloba ditaba le bona.

20. Yaba ya nkileng ditalenta tse hlano o tla, a hlahisa tse ding tse hlano, a re: Morena, o ne o nneile ditalenta tse hlano; bona, ke ruile tse ding tse hlano kahodima tsona.

21. Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao.

22. Ha tla le ya neilweng ditalenta tse pedi, a re: Morena, o ne o nneile ditalenta tse pedi; bona, ke ruile tse ding tse pedi kahodima tsona.

23. Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao.

24. Ya neilweng talenta e le nngwe le yena a tla, a re: Morena, ke o tsebile hobane o motho ya thata, ya kotulang moo o sa kang wa jala teng, mme o bokella moo o sa kang wa hasa peo teng.

25. Ke tshabile ke hona, mme ke ile ka pata talenta ya hao mobung; bona, e sa le ena ntho ya hao.

26. Yaba morena wa hae o mo araba, a re: Mohlanka ya lonya, ya sebodu, o ne o tseba hobane ke kotula moo ke sa kang ka jala teng, mme ke bokella moo ke sa kang ka hasa peo teng.

27. Ha ho le jwalo, o ka be o beile tjhelete ya ka bankeng, mme ha ke fihla, nka be ke latile ntho ya ka le phaello ya yona.

Mattheu 25