Mattheu 24:5-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste. Mme ba tla thetsa ba bangata.

6. Le tla utlwa dintwa le medumo ya dintwa; le mpe le bone hore le se ke la tshoha; tseo tsohle e ka kgona di etsahale, empa le moo ha e eso ho be bona bofelo.

7. Hobane setjhaba se seng se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong; ditlala di tla ba teng, le mafu a akaretsang, le ditshisinyeho tsa lefatshe ka nqa tse ngata.

8. Empa tseo tsohle e tla ba qalo feela ya tlokotsi.

9. Mohlang oo, le tla neelwa ho tshwenngwa, le tla bolawa, mme le tla hlouwa ke ditjhaba tsohle ka baka la lebitso la ka.

10. Ke moo ba bangata ba tla kgoptjwa, mme ba tla ekana, ba tla hloyana.

11. Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, mme ba tla thetsa batho ba bangata.

12. Mme lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ya bokgopo.

13. Empa ya tiisetsang ho fihlela qetellong, ke yena ya tla bolokeha.

14. Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e tle e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.

15. Jwale, etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang — ya balang a lemohe! —

16. mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng;

17. ya leng hodima ntlo, a se ke a theohela ho nka ntho tlung ya hae;

18. le ya leng masimong, a se ke a kgutlela hae ho nka kobo ya hae.

Mattheu 24