Mattheu 24:41-51 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

41. ho basadi ba babedi ba tla beng ba sila lelwaleng, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe.

42. Lebelang hle; hobane ha le tsebe nako eo Morena wa lona a tla tla ka yona.

43. Le mpe le tsebe hobane monga ntlo, hola a ka tseba nako eo senokwane se tla tla ka yona, a ka lebela, mme a ke ke a dumela hoba ntlo ya hae e phunngwe.

44. Le lona, itokiseng ke hona; hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.

45. Ana ke mang mohlanka ya kgabane, ya bohlale, eo morena wa hae a mmeileng moalosi wa bahlanka ba hae ho ba nea dijo nakong ya teng?

46. Ho lehlohonolo mohlanka eo morena wa hae, mohla a fihlang, a tla mo fumana a etsa jwalo.

47. Kannete ke re ho lona: O tla mmea moalosi wa mesebetsi ya hae kaofela.

48. Empa ekare ha mohlanka eo a le kgopo, mme a ipolella pelong, a re: Morena ka o diehile ho fihla;

49. mme a qala ho otla balekane ba hae ba bohlanka, a eja, a enwa le matahwa;

50. morena wa mohlanka eo o tla fihla ka letsatsi leo a sa mo lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng.

51. O tla mo pomahanya dikoto, a mo nee kabelo e le nngwe le baikaketsi; ke moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.

Mattheu 24