Mattheu 24:35-45 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

35. Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta.

36. Haele letsatsi leo le hora eo, ha ho ya tsebang; esita le mangeloi a lehodimo ha a tsebe, leha e le Mora; empa ho tseba Ntate a nnotshi.

37. Empa jwalokaha ho bile mehleng ya Nowe, le ho tleng ha Mora motho ho tla ba jwalo.

38. Hobane jwaloka mehleng e bileng teng pele ho morwallo wa metsi, ha batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ha ba ha fihla tsatsi leo Nowe a keneng arekeng ka lona;

39. ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla morwallo, mme ba nkwa bohle ke wona: ho tla ba jwalo le ho tleng ha Mora motho.

40. Mohlang oo, ho banna ba babedi ba tla beng ba le tshimong, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe;

41. ho basadi ba babedi ba tla beng ba sila lelwaleng, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe.

42. Lebelang hle; hobane ha le tsebe nako eo Morena wa lona a tla tla ka yona.

43. Le mpe le tsebe hobane monga ntlo, hola a ka tseba nako eo senokwane se tla tla ka yona, a ka lebela, mme a ke ke a dumela hoba ntlo ya hae e phunngwe.

44. Le lona, itokiseng ke hona; hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.

45. Ana ke mang mohlanka ya kgabane, ya bohlale, eo morena wa hae a mmeileng moalosi wa bahlanka ba hae ho ba nea dijo nakong ya teng?

Mattheu 24