Mattheu 24:30-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Mohlang oo, pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong; ke moo ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla iteta difuba, mme di tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo, ka matla a maholo le ka kganya e kholo.

31. O tla roma mangeloi a hae a letsang diterompeta tse modumo o moholo, hore a bokelle bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong e nngwe ya mahodimo ho isa ho e nngwe.

32. Ithuteng ho lekanya ditaba ka sefate sa feiye. Lekala la sona ha le se le le bonolo, mme le se le hlahisa mahlaku, le tseba kahoo hobane lehlabula le haufi.

33. Le lona, etlare ha le bona tseo tsohle, le tsebe hoba Mora motho o haufi, o monyako.

34. Kannete ke re ho lona: Moloko wona o ke ke wa feta, tseo tsohle di eso ho etsahale.

35. Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta.

Mattheu 24