Mattheu 24:19-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Ho tla ba madimabe basadi ba baimana, le ba anyesang mehleng eo.

20. Le rapele hore paleho ya lona e se hlahe mariha, leha e le ka Sabatha.

21. Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, haesale le tshimolohong ya lefatshe, ho fihlela jwale, tsietsi e kalo ha e eso ho ka e eba teng, mme ha e ka ke ya boela ya eba teng le ka mohla o le mong.

22. Le hojane matsatsi ao a se ke a kgutshofatswa palo, ho ne ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakgethwa, matsatsi ao a tla kgutshofatswa.

23. Mohlang oo, ha motho a ka re ho lona: Bonang, Kreste o mona, kapa Kreste o mane, le se ke la dumela.

24. Hobane ho tla hlaha bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.

25. Bonang, ke le boleletse pele, ditaba di eso ho hlahe.

26. Ka baka leo, ha ba re ho lona: Bonang, o nahathothe, le se ke la tswela teng; kapa ha ba re: Bonang, o phaposing ya ntlo, le se ke la dumela.

27. Hobane jwalokaha lehadima le hadima le etswa botjhabela, mme le benyetsa bophirimela, ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo.

28. Hobane moo setopo se leng teng, ke moo manong a tla bokana teng.

Mattheu 24