15. Jwale, etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang — ya balang a lemohe! —
16. mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng;
17. ya leng hodima ntlo, a se ke a theohela ho nka ntho tlung ya hae;
18. le ya leng masimong, a se ke a kgutlela hae ho nka kobo ya hae.
19. Ho tla ba madimabe basadi ba baimana, le ba anyesang mehleng eo.
20. Le rapele hore paleho ya lona e se hlahe mariha, leha e le ka Sabatha.
21. Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, haesale le tshimolohong ya lefatshe, ho fihlela jwale, tsietsi e kalo ha e eso ho ka e eba teng, mme ha e ka ke ya boela ya eba teng le ka mohla o le mong.
22. Le hojane matsatsi ao a se ke a kgutshofatswa palo, ho ne ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakgethwa, matsatsi ao a tla kgutshofatswa.
23. Mohlang oo, ha motho a ka re ho lona: Bonang, Kreste o mona, kapa Kreste o mane, le se ke la dumela.
24. Hobane ho tla hlaha bokreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo e meholo le meeka e ka thetsang le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.
25. Bonang, ke le boleletse pele, ditaba di eso ho hlahe.
26. Ka baka leo, ha ba re ho lona: Bonang, o nahathothe, le se ke la tswela teng; kapa ha ba re: Bonang, o phaposing ya ntlo, le se ke la dumela.
27. Hobane jwalokaha lehadima le hadima le etswa botjhabela, mme le benyetsa bophirimela, ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo.
28. Hobane moo setopo se leng teng, ke moo manong a tla bokana teng.
29. Hanghang kamora mahlomola a mehla eo, letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla hloka lesedi, dinaledi di tla wa lehodimong, mme tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha.
30. Mohlang oo, pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong; ke moo ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla iteta difuba, mme di tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo, ka matla a maholo le ka kganya e kholo.
31. O tla roma mangeloi a hae a letsang diterompeta tse modumo o moholo, hore a bokelle bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong e nngwe ya mahodimo ho isa ho e nngwe.
32. Ithuteng ho lekanya ditaba ka sefate sa feiye. Lekala la sona ha le se le le bonolo, mme le se le hlahisa mahlaku, le tseba kahoo hobane lehlabula le haufi.