1. Yare Jesu ha a etswa tempeleng, a itsamaela. Yaba barutuwa ba hae ba mo atamela, ho mmontsha mehaho ya tempele.
2. Empa Jesu a re: Le a di bona ntho tseo tsohle? Kannete ke re ho lona: Ha ho ka ke ha leswa teng lejwe hodima lejwe le leng, le sa heletswang.
3. Eitse hobane a dule thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena ba nnotshi, ba re ho yena: Re bolelle nako taba tseo di tla etsahala ka yona, le ntho eo e tla ba pontsho ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe.
4. Jesu a ba araba, a re: Iponeleng, le tle le se ke la thetswa ke motho.
5. Hobane ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: Ke nna Kreste. Mme ba tla thetsa ba bangata.
6. Le tla utlwa dintwa le medumo ya dintwa; le mpe le bone hore le se ke la tshoha; tseo tsohle e ka kgona di etsahale, empa le moo ha e eso ho be bona bofelo.
7. Hobane setjhaba se seng se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong; ditlala di tla ba teng, le mafu a akaretsang, le ditshisinyeho tsa lefatshe ka nqa tse ngata.
8. Empa tseo tsohle e tla ba qalo feela ya tlokotsi.