Mattheu 23:20-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Mme jwale, ya anang ka aletare, o ana ka yona le ka tsohle tse hodima yona;

21. le ya anang ka tempele, o ana ka yona le ka ya ahileng ho yona;

22. le ya anang ka lehodimo, o ana ka terone ya Modimo le ka ya dutseng hodima yona.

23. Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le ntsha karolo ya leshome ya kwena le anetha le kumine, mme le siya hoo e leng boholo ba molao, e leng tokiso, le mohau, le tumelo; anthe le ne le tshwanetse ho etsa ntho tsena, le ntse le sa tlohele ho etsa tseno.

24. Batsamaisi ba foufetseng! le hlotlha ntsitsinyana, athe le metsa kamele!

25. Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le hlatswa mohope le sejana kantle, athe kahare ho tletse boshodu le ho senya.

26. Mofarisi ya sefofu! hlatswa mohope le sejana kahare ho tsona pele, bokantle ba tsona bo tle bo hlweke le bona.

27. Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le jwaloka mabitla a kwetlisitsweng, a nang le ponahalo e ntle kantle, kanthebo, kahare, a tletse masapo a bafu le ho bola hohle.

28. Le lona, ho batho ba le tadimang kantle, ho jwaloka eka le lokile, athe kahare ho lona le tletse boikaketsi le bokgopo.

29. Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le haha mabitla a baporofeta, mme le kgabisa mabitla a ba lokileng;

30. mme le re: Holane re na be re le teng mehleng ya bontata rona moholo, re ka be re sa ka ra kopana le bona polaong ya baporofeta.

31. Le ikahlola jwalo hobane le le bana ba ba bolaileng baporofeta,

Mattheu 23