Mattheu 23:2-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. a re: Bangodi le bafarisi ba dutse ditulo tsa Moshe.

3. Ka baka leo, le boloke, mme le etse tsohle tseo ba le bolellang tsona, le mpe le se ke la etsa ka diketso tsa bona; hobane ba bolela, empa ha ba etse.

4. Ba bofa diphahlo tse boima, tse imelang, mme ba di jarisa batho mahetleng, athe bona ha ba rate ho di sisinya le ka monwana.

5. Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba tle ba bonwe ke batho; hobane ba rwala meqhaka ya difilaktera tse diphara, mme ba lelefatsa dipodi dikobong tsa bona;

6. ba rata ditulo tsa kapele meketeng, le ditulo tse kapele masinagogeng,

7. le ho dumediswa mapatlelong, le ho bitswa ke batho: Rabbi! Rabbi!

8. Empa lona, le se ke la bitswa Rabbi, hobane moruti wa lona o mong, e leng Kreste, mme lona bohle le bana ba motho a le mong.

9. Le se ke la bitsa motho lefatsheng ntata lona, hobane o mong feela eo e leng Ntata lona, ke ya leng mahodimong.

10. Hape, le se ke la bitswa benghadi, hobane monghadi wa lona o mong, e leng Kreste.

11. Empa e moholo ho lona e tla ba mohlanka wa lona.

12. E mong le e mong ya iphahamisang, o tla kokobetswa, mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla phahamiswa.

13. Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.

14. Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le metsa matlo a basadi ba bahlolohadi, ka ho re, le ba etsetsa merapelo e melelele; ka baka leo, le tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.

15. Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le tsamaya le lewatle le lefatshe lohle ho etsa morutuwa a le mong, mme ha a se a entswe, le mo etsa ngwana wa dihele habedi ho fetisa lona.

16. Ho madimabe lona, batsamaisi ba foufetseng, le reng: Motho ha a anne ka tempele, ha ho nang; empa ha a anne ka kgauta ya tempele, o tlamilwe.

17. Mawatla le difofu! ho hoholo keng? Na ke kgauta, kapa a ke tempele e halaletsang kgauta na?

Mattheu 23