Mattheu 23:10-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Hape, le se ke la bitswa benghadi, hobane monghadi wa lona o mong, e leng Kreste.

11. Empa e moholo ho lona e tla ba mohlanka wa lona.

12. E mong le e mong ya iphahamisang, o tla kokobetswa, mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla phahamiswa.

13. Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.

14. Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le metsa matlo a basadi ba bahlolohadi, ka ho re, le ba etsetsa merapelo e melelele; ka baka leo, le tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.

15. Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le tsamaya le lewatle le lefatshe lohle ho etsa morutuwa a le mong, mme ha a se a entswe, le mo etsa ngwana wa dihele habedi ho fetisa lona.

16. Ho madimabe lona, batsamaisi ba foufetseng, le reng: Motho ha a anne ka tempele, ha ho nang; empa ha a anne ka kgauta ya tempele, o tlamilwe.

17. Mawatla le difofu! ho hoholo keng? Na ke kgauta, kapa a ke tempele e halaletsang kgauta na?

18. Hape le re: Motho ha a anne ka aletare, ha ho nang; empa ha a anne ka kabelo e hodima yona, o tlamilwe.

19. Mawatla le difofu! ho hoholo keng? Na ke kabelo, kapa ke aletare e halaletsang kabelo na?

20. Mme jwale, ya anang ka aletare, o ana ka yona le ka tsohle tse hodima yona;

21. le ya anang ka tempele, o ana ka yona le ka ya ahileng ho yona;

Mattheu 23