7. Morena, ha a utlwa taba tseo, a halefa; a roma makgotla a hae, a timetsa babolai bao, a tjhesa le motse wa bona.
8. Yaba o bolella bahlanka ba hae, a re: Bohadi bo se bo lokisitswe, empa ba neng ba bo bileditswe, e ne e se ba bo tshwanelang.
9. Jwale, ikeleng mateonong a ditsela, mme le biletse bohading bohle bao le ba fumanang.