32. Nna, ke Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo; Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke wa ba phelang.
33. Mme bongata ha bo utlwa hoo, ba tsota thuto ya hae.
34. Bafarisi, ha ba utlwa hobane o kgutsisitse basadusi, ba phutheha hammoho.
35. Yaba e mong wa bona, e leng moruti wa molao, o botsa Jesu, ka ho mo leka, a re:
36. Moruti, taelo e kgolo ya molao ke efe na?
37. Jesu a re ho yena: Ke e reng: Rata Morena, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka kgopolo ya hao yohle.
38. Molao oo ke o moholo wa pele.
39. Mme wa bobedi, o tshwanang le wona, ke o reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata.
40. Melao e mmedi eo ke motheo wa molao wohle le wa baporofeta.
41. Bafarisi ha ba phuthehile, Jesu a ba botsa,
42. a re: Le reng ka Kreste? Ke mora wa mang na? Ba re ho yena: Ke wa Davida.
43. A re ho bona: Ha ho le jwalo, na Davida ha a bolediswa ke Moya, o mmitsetsang morena wa hae, ha a re:
44. Morena o itse ho morena ka: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao?
45. Na Davida ha a mmitsa morena, e ka ba mora wa hae jwang?
46. Ha ho a ka ha eba motho ya tsebileng ho mo araba letho, mme haesale mohlang oo, ha ho a ka ha hlola ho eba ya betileng pelo ho mmotsa.