21. Ba re ho yena: Ke la Sesare. Yaba o re: Hommeng! Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo.
22. Yare ha ba utlwa taba eo, ba makala, ba mo tlohela, ba ikela.
23. Tsatsing lona leo, basadusi, e leng ba latolang tsoho ya bafu, ba tla ho yena, ba mmotsa,
24. ba re: Moruti, Moshe o itse: Monna ha a eshwa, a se na bana, ngwanabo o tla nka mosadi wa hae, a hlahisetse ngwanabo bana.
25. Bara ba motho a le mong, ba supileng, ba ne ba le teng hara rona; e moholo a shwa, a se a nyetse; mme kahobane a sa ka a ba le bana, a siela moenae mosadi wa hae.
26. Ha eba jwalo le wa bobedi, le wa boraro, ho isa ho wa bosupa.
27. Kamora bona bohle, mosadi le yena a shwa.
28. Ana ha ho le jwalo, mohla tsoho ya bafu, mosadi eo e tla ba wa ofe ho ba supileng, haele moo ba kile ba eba le yena bohle?
29. Empa Jesu a araba, a re ho bona: Le lahlehile ke hobane ha le tsebe Mangolo le matla a Modimo;
30. hobane tsohong ya bafu, ha ho ka ke ha nyalwa, leha e le ho nyadiswa, empa batho ba tla ba jwaloka mangeloi a Modimo lehodimong.
31. Haele ka tsoho ya bafu, na ha le a ka la bala hoo le ho boleletsweng ke Modimo, ha o re: