Mattheu 22:2-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Mmuso wa mahodimo o tshwana le morena ya neng a etsetse mora wa hae mokete wa bohadi.

3. A roma bahlanka ba hae ho bitsa ba neng ba memetswe bohadi; empa ba hana ho tla.

4. A boela a roma bahlanka ba bang, a re: Bolellang ba memilweng, le re: Bonang, ke lokisitse mokete wa ka, dikgomo tsa ka le dinonneng tsa ka di hlabilwe; ntho tsohle di se di lokile; tloong bohading.

5. Empa bao ba nyedisa, mme ba ya, e mong tshimong ya hae, e mong papatsong ya hae.

6. Ba bang ba tshwara bahlanka ba hae, ba ba omanya, mme ba ba bolaya.

Mattheu 22