Mattheu 22:16-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ba roma ho yena barutuwa ba bona le Baheroda, ba ya re: Moruti, re a tseba hobane o wa nnete, le hoba o ruta tsela ya Modimo ka nnete, le hoba ha o re letho ka motho; hobane tshobotsi ya motho ha e tadingwe ke wena.

17. Ka baka leo, o re bolelle kgopolo ya hao: Hleka ho a lokela ho ntshetsa Sesare lekgetho, kapa tjhe?

18. Empa Jesu a tseba lonya la bona, a re: Le ntekelang, lona baikaketsi?

19. Mpontsheng tjhelete ya lekgetho. Yaba ba mo hlahisetsa denare.

20. A re ho bona: Setshwantsho sena ke sa mang, le lengolo lena ke la mang?

21. Ba re ho yena: Ke la Sesare. Yaba o re: Hommeng! Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo.

22. Yare ha ba utlwa taba eo, ba makala, ba mo tlohela, ba ikela.

23. Tsatsing lona leo, basadusi, e leng ba latolang tsoho ya bafu, ba tla ho yena, ba mmotsa,

24. ba re: Moruti, Moshe o itse: Monna ha a eshwa, a se na bana, ngwanabo o tla nka mosadi wa hae, a hlahisetse ngwanabo bana.

25. Bara ba motho a le mong, ba supileng, ba ne ba le teng hara rona; e moholo a shwa, a se a nyetse; mme kahobane a sa ka a ba le bana, a siela moenae mosadi wa hae.

26. Ha eba jwalo le wa bobedi, le wa boraro, ho isa ho wa bosupa.

27. Kamora bona bohle, mosadi le yena a shwa.

28. Ana ha ho le jwalo, mohla tsoho ya bafu, mosadi eo e tla ba wa ofe ho ba supileng, haele moo ba kile ba eba le yena bohle?

29. Empa Jesu a araba, a re ho bona: Le lahlehile ke hobane ha le tsebe Mangolo le matla a Modimo;

Mattheu 22