10. Yaba bahlanka bao ba tswela ditseleng, ba bokella bohle bao ba ba fumanang, dikgwahlapa le dikgabane, mme ntlo ya bohadi ya tlala batho ba dulang dijong.
11. Eitse morena ha a kena ho bona ba dutseng dijong, a bona motho ya sa aparang kobo ya bohadi.
12. A re ho yena: Mokana ka, o kene jwang mona, o se na kobo ya bohadi na? Eo a hloka puo.
13. Yaba morena o re ho bahlanka: Mmofeng maoto le matsoho, le mo nke, mme le mo lahlele lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.
14. Hobane ba bitswang ba bangata, empa ba kgethilweng ha ba bakae.
15. Yaba bafarisi ba tloha, ba ya rera hammoho kamoo ba ka mo tshwasang ka dipolelo tsa hae kateng.
16. Ba roma ho yena barutuwa ba bona le Baheroda, ba ya re: Moruti, re a tseba hobane o wa nnete, le hoba o ruta tsela ya Modimo ka nnete, le hoba ha o re letho ka motho; hobane tshobotsi ya motho ha e tadingwe ke wena.
17. Ka baka leo, o re bolelle kgopolo ya hao: Hleka ho a lokela ho ntshetsa Sesare lekgetho, kapa tjhe?
18. Empa Jesu a tseba lonya la bona, a re: Le ntekelang, lona baikaketsi?
19. Mpontsheng tjhelete ya lekgetho. Yaba ba mo hlahisetsa denare.
20. A re ho bona: Setshwantsho sena ke sa mang, le lengolo lena ke la mang?
21. Ba re ho yena: Ke la Sesare. Yaba o re: Hommeng! Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo.