Mattheu 21:8-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Bongata bo boholo ba ala diaparo tsa bona tseleng; mme ba bang ba rema makala a difate, ba a ala tseleng.

9. Mme bongata bo eteletseng pele le bo latelang ba howa, ba re: Hosanna ho mora Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!

10. Eitse ha a kena Jerusalema, motse wohle wa hwerehana, wa re: Enwa ke mang na?

11. Matshwele a re: Ke Jesu, moporofeta ya tswang Nasaretha wa Galelea.

12. Jesu a kena tempeleng ya Modimo; a lelekela ntle bohle ba bapatsang le ba rekang ka tempeleng; a diha ditafole tsa ba ananyang ditjhelete, le ditulo tsa ba bapatsang ka maeba.

13. A re ho bona: Ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo, athe lona, le e entse lehaha la mashodu.

14. Ha tla ho yena ka tempeleng difofu le dihlotsa, mme a di fodisa.

15. Empa baprista ba baholo le bangodi, ha ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka tempeleng, ba reng: Hosanna ho mora Davida! ba hlonama haholo.

Mattheu 21