Mattheu 21:7-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ba tlisa esele le petsana ya yona, mme ba ala diaparo tsa bona hodima yona, mme Jesu a e kalla.

8. Bongata bo boholo ba ala diaparo tsa bona tseleng; mme ba bang ba rema makala a difate, ba a ala tseleng.

9. Mme bongata bo eteletseng pele le bo latelang ba howa, ba re: Hosanna ho mora Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!

10. Eitse ha a kena Jerusalema, motse wohle wa hwerehana, wa re: Enwa ke mang na?

11. Matshwele a re: Ke Jesu, moporofeta ya tswang Nasaretha wa Galelea.

12. Jesu a kena tempeleng ya Modimo; a lelekela ntle bohle ba bapatsang le ba rekang ka tempeleng; a diha ditafole tsa ba ananyang ditjhelete, le ditulo tsa ba bapatsang ka maeba.

13. A re ho bona: Ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo, athe lona, le e entse lehaha la mashodu.

14. Ha tla ho yena ka tempeleng difofu le dihlotsa, mme a di fodisa.

15. Empa baprista ba baholo le bangodi, ha ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka tempeleng, ba reng: Hosanna ho mora Davida! ba hlonama haholo.

16. Ba re ho yena: Na o utlwa seo bao ba se bolelang na? Jesu a re ho bona: E, na ha le eso ho ka le bala taba e reng: O tumisitse dithoko tsa hao ka melomo ya bana le ya ba anyang, na?

17. Yaba o a ba tlohela, a tswa motseng, a ya Bethania, mme a robala teng.

18. Kameso, ha a boela motseng, a lapa.

Mattheu 21