33. Utlwang setshwantsho se seng: Motho o ne a le teng, e leng monga ntlo, ya hlomileng tshimo ya merara; a e sireletsa ka motero, a tjheka sehatelo teng, a e hahela tora, mme a e laeletsa balemi, a ntoo eta.
34. Yare ha nako ya ditholwana e atametse, a roma bahlanka ba hae ho balemi ho nka ditholwana tsa hae.
35. Empa balemi ba tshwara bahlanka ba hae, ba otla e mong, ba bolaya e mong, ba tlepetsa e mong ka majwe.
36. A boela a roma bahlanka ba bang, ba fetisang ba pele ka bongata, mme le bona ba etswa jwaloka ba pele.
37. Ho feleng, a romela mora hae ho bona, a re: Ba tla hlompha mora wa ka.
38. Empa balemi, ha ba bona mora hae, ba bolellana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, re tle re inkele lefa la hae.
39. Yaba ba mo tshwara, ba mo lahlela kantle ho tshimo ya merara, ba mmolaya.
40. Ana mohla monga tshimo ya merara a fihlang, balemi bao o tla ba etsa jwang na?
41. Ba re ho yena: O tla timetsa ba babe bao hampe, mme tshimo ya hae ya merara o tla e laeletsa balemi basele, ba tla mo nea ditholwana nakong ya tsona.
42. Jesu a re ho bona: Ana ha le a ka la bala Mangolong taba e reng: Lejwe leo bahahi ba le lahlileng, ke lona le entsweng la motheo, la sekgutlo? Le entswe le jwalo ke Morena, mme ke le makatsang mahlong a rona.