Mattheu 21:3-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Etlare ha motho a le botsa taba, le tle le re ho yena: Morena o a di hloka; mme o tla phakisa a di romele.

4. Hoo hohle ho entswe hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta ya itseng:

5. Bolellang moradi wa Sione, le re: Bona, Morena wa hao ke eo ya tlang ho wena, a le bonolo, a kaletse esele, petsana ya esele e lemaletseng joko.

6. Ebile barutuwa ba ya, ba etsa kamoo ba laetsweng kateng, ke Jesu.

7. Ba tlisa esele le petsana ya yona, mme ba ala diaparo tsa bona hodima yona, mme Jesu a e kalla.

8. Bongata bo boholo ba ala diaparo tsa bona tseleng; mme ba bang ba rema makala a difate, ba a ala tseleng.

9. Mme bongata bo eteletseng pele le bo latelang ba howa, ba re: Hosanna ho mora Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!

10. Eitse ha a kena Jerusalema, motse wohle wa hwerehana, wa re: Enwa ke mang na?

11. Matshwele a re: Ke Jesu, moporofeta ya tswang Nasaretha wa Galelea.

12. Jesu a kena tempeleng ya Modimo; a lelekela ntle bohle ba bapatsang le ba rekang ka tempeleng; a diha ditafole tsa ba ananyang ditjhelete, le ditulo tsa ba bapatsang ka maeba.

13. A re ho bona: Ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo, athe lona, le e entse lehaha la mashodu.

14. Ha tla ho yena ka tempeleng difofu le dihlotsa, mme a di fodisa.

15. Empa baprista ba baholo le bangodi, ha ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka tempeleng, ba reng: Hosanna ho mora Davida! ba hlonama haholo.

16. Ba re ho yena: Na o utlwa seo bao ba se bolelang na? Jesu a re ho bona: E, na ha le eso ho ka le bala taba e reng: O tumisitse dithoko tsa hao ka melomo ya bana le ya ba anyang, na?

17. Yaba o a ba tlohela, a tswa motseng, a ya Bethania, mme a robala teng.

18. Kameso, ha a boela motseng, a lapa.

19. A bona sefate sa feiye se pela tsela, a ya ho sona, empa a se ke a fumana letho ho sona, haese mahlaku feela; a re ho sona: Ho se ke ha ba ha hlaha tholwana ho wena le ka ho sa feleng. Yaba sefate sa feiye se omella hanghang.

Mattheu 21