Mattheu 21:29-46 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Eo a araba, a re: Ke a hana. Empa hamorao, a baka, a ya.

30. A ya ho wa bobedi, le ho yena a rialo, mme eo a mo araba, a re: Ke a ya, morena. Empa a se ke a ya.

31. Ana ho bona ba babedi, ke ofe ya entseng thato ya ntatae? Ba re ho yena: Ke wa pele. Jesu a re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Balekgetho le basadi ba bafebi ba le raka mmusong wa Modimo.

32. Hobane Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela; empa balekgetho le basadi ba bafebi ba mo dumetse; mme lona, leha le bone hoo, ha le a ka la baka, la mo dumela.

33. Utlwang setshwantsho se seng: Motho o ne a le teng, e leng monga ntlo, ya hlomileng tshimo ya merara; a e sireletsa ka motero, a tjheka sehatelo teng, a e hahela tora, mme a e laeletsa balemi, a ntoo eta.

34. Yare ha nako ya ditholwana e atametse, a roma bahlanka ba hae ho balemi ho nka ditholwana tsa hae.

35. Empa balemi ba tshwara bahlanka ba hae, ba otla e mong, ba bolaya e mong, ba tlepetsa e mong ka majwe.

36. A boela a roma bahlanka ba bang, ba fetisang ba pele ka bongata, mme le bona ba etswa jwaloka ba pele.

37. Ho feleng, a romela mora hae ho bona, a re: Ba tla hlompha mora wa ka.

38. Empa balemi, ha ba bona mora hae, ba bolellana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, re tle re inkele lefa la hae.

39. Yaba ba mo tshwara, ba mo lahlela kantle ho tshimo ya merara, ba mmolaya.

40. Ana mohla monga tshimo ya merara a fihlang, balemi bao o tla ba etsa jwang na?

41. Ba re ho yena: O tla timetsa ba babe bao hampe, mme tshimo ya hae ya merara o tla e laeletsa balemi basele, ba tla mo nea ditholwana nakong ya tsona.

42. Jesu a re ho bona: Ana ha le a ka la bala Mangolong taba e reng: Lejwe leo bahahi ba le lahlileng, ke lona le entsweng la motheo, la sekgutlo? Le entswe le jwalo ke Morena, mme ke le makatsang mahlong a rona.

43. Ka baka leo, ke re ho lona: Mmuso wa Modimo le tla o amohuwa, mme o tla newa setjhaba se seng se tla beha ditholwana tsa wona.

44. Ya tla wela hodima lejwe leo, o tla robeha, mme le tla pitla eo le mo welang hodimo.

45. Baprista ba baholo le bafarisi, ha ba utlwile ditshwantsho tseo tsa hae, ba tseba hobane o lekantse bona.

46. Mme ba batla ho mo tshwara; empa ba tshaba bongata, kahobane ba ne ba re, Jesu ke moporofeta.

Mattheu 21