Mattheu 21:15-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Empa baprista ba baholo le bangodi, ha ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka tempeleng, ba reng: Hosanna ho mora Davida! ba hlonama haholo.

16. Ba re ho yena: Na o utlwa seo bao ba se bolelang na? Jesu a re ho bona: E, na ha le eso ho ka le bala taba e reng: O tumisitse dithoko tsa hao ka melomo ya bana le ya ba anyang, na?

17. Yaba o a ba tlohela, a tswa motseng, a ya Bethania, mme a robala teng.

18. Kameso, ha a boela motseng, a lapa.

19. A bona sefate sa feiye se pela tsela, a ya ho sona, empa a se ke a fumana letho ho sona, haese mahlaku feela; a re ho sona: Ho se ke ha ba ha hlaha tholwana ho wena le ka ho sa feleng. Yaba sefate sa feiye se omella hanghang.

20. Barutuwa ha ba bona hoo, ba makala, ba re: Ana sefate sa feiye se omeletse jwang hanghang?

21. Jesu a araba, a re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Holane le na le tumelo, le sa belaele, le ka be le etsa, e seng se entsweng ho sefate sa feiye feela, empa leha le be le ka re ho thaba ena: Tloha, o itihele lewatleng, ho ne ho ka etsahala.

22. Se seng le se seng seo le se kopang ka thapelo, ha le dumela, le tla se newa.

23. Eitse hobane a fihle tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ha a ntse a ruta, ba re: Ntho tseo, o di etsa ka matla afe? Mme matla ao o a neilwe ke mang?

24. Jesu a ba araba, a re: Ke tla le botsa taba le nna; ekare ha le mpolella yona, le nna ke tla le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka wona.

25. Ana kolobetso ya Johanne e ne e tswa kae? Na e ne e tswa lehodimong, kapa bathong? Yaba ba eletsana hammoho, ba re: Ha re re: E ne e tswa lehodimong, o tla re: Ha ho le jwalo, ha le a ka la e dumela keng?

26. Mme ha re ka re: E ne e tswa bathong, re tshaba bongata, hobane bohle ba re: Johanne ke moporofeta.

27. Yaba ba araba Jesu, ba re: Ha re tsebe. Mme a re ho bona: Le nna, nke ke ka le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka wona.

28. Empa le reng ka taba ena? Motho o ne a na le bara ba babedi; a ya ho wa pele, a re ho yena: Mora ka, eya, o sebetse kajeno tshimong ya ka ya merara.

29. Eo a araba, a re: Ke a hana. Empa hamorao, a baka, a ya.

30. A ya ho wa bobedi, le ho yena a rialo, mme eo a mo araba, a re: Ke a ya, morena. Empa a se ke a ya.

31. Ana ho bona ba babedi, ke ofe ya entseng thato ya ntatae? Ba re ho yena: Ke wa pele. Jesu a re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Balekgetho le basadi ba bafebi ba le raka mmusong wa Modimo.

32. Hobane Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela; empa balekgetho le basadi ba bafebi ba mo dumetse; mme lona, leha le bone hoo, ha le a ka la baka, la mo dumela.

Mattheu 21