11. Matshwele a re: Ke Jesu, moporofeta ya tswang Nasaretha wa Galelea.
12. Jesu a kena tempeleng ya Modimo; a lelekela ntle bohle ba bapatsang le ba rekang ka tempeleng; a diha ditafole tsa ba ananyang ditjhelete, le ditulo tsa ba bapatsang ka maeba.
13. A re ho bona: Ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo, athe lona, le e entse lehaha la mashodu.
14. Ha tla ho yena ka tempeleng difofu le dihlotsa, mme a di fodisa.
15. Empa baprista ba baholo le bangodi, ha ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka tempeleng, ba reng: Hosanna ho mora Davida! ba hlonama haholo.
16. Ba re ho yena: Na o utlwa seo bao ba se bolelang na? Jesu a re ho bona: E, na ha le eso ho ka le bala taba e reng: O tumisitse dithoko tsa hao ka melomo ya bana le ya ba anyang, na?
17. Yaba o a ba tlohela, a tswa motseng, a ya Bethania, mme a robala teng.
18. Kameso, ha a boela motseng, a lapa.
19. A bona sefate sa feiye se pela tsela, a ya ho sona, empa a se ke a fumana letho ho sona, haese mahlaku feela; a re ho sona: Ho se ke ha ba ha hlaha tholwana ho wena le ka ho sa feleng. Yaba sefate sa feiye se omella hanghang.
20. Barutuwa ha ba bona hoo, ba makala, ba re: Ana sefate sa feiye se omeletse jwang hanghang?
21. Jesu a araba, a re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Holane le na le tumelo, le sa belaele, le ka be le etsa, e seng se entsweng ho sefate sa feiye feela, empa leha le be le ka re ho thaba ena: Tloha, o itihele lewatleng, ho ne ho ka etsahala.
22. Se seng le se seng seo le se kopang ka thapelo, ha le dumela, le tla se newa.
23. Eitse hobane a fihle tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena, ha a ntse a ruta, ba re: Ntho tseo, o di etsa ka matla afe? Mme matla ao o a neilwe ke mang?
24. Jesu a ba araba, a re: Ke tla le botsa taba le nna; ekare ha le mpolella yona, le nna ke tla le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka wona.
25. Ana kolobetso ya Johanne e ne e tswa kae? Na e ne e tswa lehodimong, kapa bathong? Yaba ba eletsana hammoho, ba re: Ha re re: E ne e tswa lehodimong, o tla re: Ha ho le jwalo, ha le a ka la e dumela keng?
26. Mme ha re ka re: E ne e tswa bathong, re tshaba bongata, hobane bohle ba re: Johanne ke moporofeta.