Mattheu 21:11-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Matshwele a re: Ke Jesu, moporofeta ya tswang Nasaretha wa Galelea.

12. Jesu a kena tempeleng ya Modimo; a lelekela ntle bohle ba bapatsang le ba rekang ka tempeleng; a diha ditafole tsa ba ananyang ditjhelete, le ditulo tsa ba bapatsang ka maeba.

13. A re ho bona: Ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo, athe lona, le e entse lehaha la mashodu.

14. Ha tla ho yena ka tempeleng difofu le dihlotsa, mme a di fodisa.

15. Empa baprista ba baholo le bangodi, ha ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka tempeleng, ba reng: Hosanna ho mora Davida! ba hlonama haholo.

16. Ba re ho yena: Na o utlwa seo bao ba se bolelang na? Jesu a re ho bona: E, na ha le eso ho ka le bala taba e reng: O tumisitse dithoko tsa hao ka melomo ya bana le ya ba anyang, na?

17. Yaba o a ba tlohela, a tswa motseng, a ya Bethania, mme a robala teng.

18. Kameso, ha a boela motseng, a lapa.

19. A bona sefate sa feiye se pela tsela, a ya ho sona, empa a se ke a fumana letho ho sona, haese mahlaku feela; a re ho sona: Ho se ke ha ba ha hlaha tholwana ho wena le ka ho sa feleng. Yaba sefate sa feiye se omella hanghang.

20. Barutuwa ha ba bona hoo, ba makala, ba re: Ana sefate sa feiye se omeletse jwang hanghang?

Mattheu 21