Mattheu 20:3-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. A boela a tswa e batlile ho ba hora ya boraro, a bona ba bang ba eme lepatlelong la motse, ba sa etse letho.

4. Le ho bona a re: Eyang le lona tshimong ya ka ya merara, mme ke tla le nea se le loketseng; mme ba ya.

5. A boela a tswa e batlile ho ba hora ya botshelela, hape le ka ya boroba mono o le mong, mme a boela a etsa jwaloka pele.

6. Ha a etswa e batlile ho ba hora ya leshome le motso o mong, a bona ba bang ba eme ba sa etse letho; a re ho bona: Le emetseng jwalo tsatsi lohle, le sa etse letho?

7. Ba re ho yena: Ke kahobane re sa ka ra memuwa ke motho. A re ho bona: Le lona, eyang tshimong ya ka ya merara, mme ke tla le nea se le loketseng.

8. Hoba e be mantisboya, monga tshimo ya merara a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Bitsa balemi, o ba nee moputso wa bona; o qale ka ba morao, o qetelle ka ba pele.

9. Ba memilweng e batlile ho ba hora ya leshome le motso o mong, ha ba etla, e mong le e mong a fumana denare.

10. Ba pele, ha ba etla, ba hloma ba tla newa ho fetisang; empa le bona ba newa e mong le e mong denare.

11. Ha ba e nkile, ba kganana ho monga ntlo,

12. ba re: Bao ba morao ba sebeditse hora e le nngwe feela, mme o ba lekantse le rona, ba jereng boima ba letsatsi le ho tjhesa ha lona!

13. A araba, a re ho e mong wa bona: Molekana ka, ha ke o je; ana ha o a dumellana le nna ka denare e le nngwe feela na?

14. Nka ntho ya hao, o ikele; ke rata ho nea enwa wa morao jwalokaha ke o neile.

15. Kapa ha ho a ntokela ho etsa ka ntho tsa ka kamoo ke ratang kateng, na? Kapa leihlo la hao le mona kahobane ke le molemo na?

16. Ka mokgwa o jwalo, ba morao e tla ba ba pele, ba pele e tla ba ba morao.

17. Yare ha Jesu a nyolohela Jerusalema, a sa le tseleng, a nkela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi thoko, a re ho bona:

18. Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora motho o tla neelwa baprista ba baholo le bangodi; ba tla mo ahlolela lefu.

19. Ba tla mo neela baditjhaba, hore ba mo some, le ho mo shapa, le ho mo thakgisa sefapanong; mme o tla tsoha ka tsatsi la boraro.

Mattheu 20