Mattheu 20:29-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Eitse ha ba etswa Jeriko, bongata bo boholo ba latela Jesu.

30. Batho ba babedi ba foufetseng, ba dutseng pela tsela, ha ba utlwa hoba Jesu o a feta, ba howa, ba re: Morena, mora Davida, re utlwele bohloko!

31. Mme bongata jwa ba kgalemela, jwa re, ba kgutse; empa bona ba eketsa ho howa, ba re: O re utlwele bohloko, Morena, mora Davida!

32. Yaba Jesu o ema, a ba bitsa, a re: Le rata ha ke le etsetsa eng?

33. Ba re ho yena: Morena, mahlo a rona a ke a tutubollwe.

34. Jesu a ba utlwela bohloko, a ama mahlo a bona, mme hang mahlo a bona a boela a bona; mme ba mo latela.

Mattheu 20