14. Nka ntho ya hao, o ikele; ke rata ho nea enwa wa morao jwalokaha ke o neile.
15. Kapa ha ho a ntokela ho etsa ka ntho tsa ka kamoo ke ratang kateng, na? Kapa leihlo la hao le mona kahobane ke le molemo na?
16. Ka mokgwa o jwalo, ba morao e tla ba ba pele, ba pele e tla ba ba morao.
17. Yare ha Jesu a nyolohela Jerusalema, a sa le tseleng, a nkela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi thoko, a re ho bona:
18. Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora motho o tla neelwa baprista ba baholo le bangodi; ba tla mo ahlolela lefu.
19. Ba tla mo neela baditjhaba, hore ba mo some, le ho mo shapa, le ho mo thakgisa sefapanong; mme o tla tsoha ka tsatsi la boraro.
20. Yaba ho tla ho yena mma bara ba Sebedea a ena le bara ba hae, mme a kgumama, a kopa ho hong ho yena.
21. Jesu a re ho yena: O batlang? Eo a mmolella, a re: Ako re, bara bana ba ka ba babedi ba dule mmusong wa hao, e mong letsohong la hao le letona, e mong ho le letshehadi.
22. Jesu a araba, a re: Ha le tsebe seo le se kopang. — Na le ka tseba ho nwela senwelong seo ke tla nwela ho sona, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona? Ba re ho yena: Re ka tseba.
23. A re ho bona: Efela le tla nwela senwelong sa ka, mme le tla kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona; empa haele ho dula letsohong la ka le letona, kapa ho le letshehadi, ha ke na ho ho nea motho, haese ba ho lokiseditsweng ke Ntate.
24. Ba leshome ha ba utlwa taba eo, ba hlonamela Jakobo le moenae Johanne.
25. Jesu, yare ha a ba bileditse ho yena, a re: Le a tseba hoba marena a ditjhaba a di busa, mme baholo ba tsona ba na le puso e thata hodima tsona.
26. Ho se ke ha eba jwalo ho lona; empa mang le mang ya ratang ho ba moholo hara lona, e ke e be mohlanka wa lona;
27. mme mang le mang ya ratang ho ba wa pele hara lona, e be mofo wa lona;