1. Hobane mmuso wa mahodimo o tshwana le mong a ntlo ya tswileng e sa le kameso, ho memela tshimo ya hae ya merara balemi.
2. Yare ha a dumellane le balemi hore moputso wa tsatsi le le leng e tla ba tjhelete ya denare, a ba romela tshimong ya hae ya merara.
3. A boela a tswa e batlile ho ba hora ya boraro, a bona ba bang ba eme lepatlelong la motse, ba sa etse letho.
4. Le ho bona a re: Eyang le lona tshimong ya ka ya merara, mme ke tla le nea se le loketseng; mme ba ya.
5. A boela a tswa e batlile ho ba hora ya botshelela, hape le ka ya boroba mono o le mong, mme a boela a etsa jwaloka pele.
6. Ha a etswa e batlile ho ba hora ya leshome le motso o mong, a bona ba bang ba eme ba sa etse letho; a re ho bona: Le emetseng jwalo tsatsi lohle, le sa etse letho?
7. Ba re ho yena: Ke kahobane re sa ka ra memuwa ke motho. A re ho bona: Le lona, eyang tshimong ya ka ya merara, mme ke tla le nea se le loketseng.
8. Hoba e be mantisboya, monga tshimo ya merara a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Bitsa balemi, o ba nee moputso wa bona; o qale ka ba morao, o qetelle ka ba pele.
9. Ba memilweng e batlile ho ba hora ya leshome le motso o mong, ha ba etla, e mong le e mong a fumana denare.
10. Ba pele, ha ba etla, ba hloma ba tla newa ho fetisang; empa le bona ba newa e mong le e mong denare.
11. Ha ba e nkile, ba kganana ho monga ntlo,