3. Yare ha morena Heroda a utlwa, a tshoha, le ba Jerusalema bohle ba tshoha le yena.
4. Hobane a bokelle baprista ba baholo kaofela le bangodi ba setjhaba, a ba botsa moo e ka kgonang Kreste a tswallwe teng.
5. Ba mmolella, ba re: Ke Bethlehema wa Judea; hobane ho ngodilwe jwalo ke moporofeta, ho thwe:
6. Le wena Bethlehema, fatshe la Juda, ha o monyenyane hara metse e meholo ya Juda, hobane ho tla tswa ho wena motsamaisi ya tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele.
7. Yare hobane Heroda a bitse Ba Bohlale sephiring, a ba botsisisa nako eo naledi e bonahetseng ka yona;
8. mme a ba romela Bethlehema, a re: Eyang le botsisise ditaba tsa ngwana haholo; mme etlare ha le mo fumane, le ntsebise, le nna ke tle ke ye, ke mo kgumamele.
9. Yare ha ba utlwile morena, ba ya; ebile naledi eo ba e boneng botjhabela, e ba etella pele, ya fihla, ya ema hodima moo ngwana a leng teng.
10. Eitse ha ba bona naledi, ba nyakalla ka thabo e kgolo haholo.
11. Ha ba kena tlung, ba fumana ngwana le mmae, Maria; ba wa ka mangwele, ba mo kgumamela; mme ha ba phutholotse matlotlo a bona, ba mo ntshetsa dimpho tsa kgauta, le dibano, le mirra.
12. Eitse ha ba senoletswe ke Modimo ka toro, hore ba se ke ba boela ho Heroda, ba kgutlela lefatsheng la bona ka tsela esele.
13. Ha ba se ba tlohile, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, mme o dule teng, ke tle ke be ke o bolelle; hobane Heroda o tla batla ngwana ho mmolaya.
14. Yaba Josefa o tsoha, a nka ngwana le mmae bosiu, a fallela Egepeta.
15. A dula teng, Heroda a ba a shwa, ho tle ho etsahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta ya itseng: Ke latile mora wa ka Egepeta.
16. Jwale, Heroda ha a bona hobane o phomilwe ke ba bohlale, a halefa haholo; a romela ho bolaya bana bohle ba Bethlehema le ba naha yohle ya teng, ba lemo tse pedi le ba ba hlahlamang, a lekanya ka nako eo a e botsisisitseng ba bohlale.
17. Mohlang oo, ho etsahetse ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re: