Mattheu 2:12-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Eitse ha ba senoletswe ke Modimo ka toro, hore ba se ke ba boela ho Heroda, ba kgutlela lefatsheng la bona ka tsela esele.

13. Ha ba se ba tlohile, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, mme o dule teng, ke tle ke be ke o bolelle; hobane Heroda o tla batla ngwana ho mmolaya.

14. Yaba Josefa o tsoha, a nka ngwana le mmae bosiu, a fallela Egepeta.

15. A dula teng, Heroda a ba a shwa, ho tle ho etsahale ho boletsweng ke Morena ka moporofeta ya itseng: Ke latile mora wa ka Egepeta.

16. Jwale, Heroda ha a bona hobane o phomilwe ke ba bohlale, a halefa haholo; a romela ho bolaya bana bohle ba Bethlehema le ba naha yohle ya teng, ba lemo tse pedi le ba ba hlahlamang, a lekanya ka nako eo a e botsisisitseng ba bohlale.

17. Mohlang oo, ho etsahetse ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re:

18. Mohoo o utlwahetse Rama, wa pohomela, wa dillo, wa mahlomola a maholo: Ragele o llela bana ba hae, mme o hana ho tshediswa, hobane ba le siyo.

19. Empa, eitse hobane Heroda a shwe, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, Egepeta, la re:

20. Tsoha, o nke ngwana le mmae, mme o kgutlele lefatsheng la Iseraele; hobane ba neng ba batla moya wa ngwana, ba se ba shwele.

21. A tsoha, a nka ngwana le mmae, a tla lefatsheng la Iseraele.

22. Empa, eitse hobane a utlwe ha ho thwe, Arkelause o busa Judea, tulong tsa ntatae Heroda, a tshaba ho ya teng; mme ha a senoletswe ke Modimo ka toro, a kgutlela naheng ya Galelea.

23. Ha a fihla teng, a aha motseng o bitswang Nasaretha, ho tle ho etsahale ho boletsweng ke baporofeta, ho thwe: O tla bitswa Monasarene.

Mattheu 2