1. Jesu eitse ha a tswaletswe Bethlehema wa Judea, mehleng ya morena Heroda, bonang, Ba Bohlale ba botjhabela ba fihla Jerusalema,
2. ba re: O kae ya tswetsweng morena wa Bajuda? Hobane re bone naledi ya hae botjhabela, mme re tlile ho mo kgumamela.
3. Yare ha morena Heroda a utlwa, a tshoha, le ba Jerusalema bohle ba tshoha le yena.
4. Hobane a bokelle baprista ba baholo kaofela le bangodi ba setjhaba, a ba botsa moo e ka kgonang Kreste a tswallwe teng.
5. Ba mmolella, ba re: Ke Bethlehema wa Judea; hobane ho ngodilwe jwalo ke moporofeta, ho thwe:
6. Le wena Bethlehema, fatshe la Juda, ha o monyenyane hara metse e meholo ya Juda, hobane ho tla tswa ho wena motsamaisi ya tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele.
7. Yare hobane Heroda a bitse Ba Bohlale sephiring, a ba botsisisa nako eo naledi e bonahetseng ka yona;